Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
October
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labone, la 12 October

Le rapele ka tsela ena.—Mat. 6:9.

Jesu o ile a qala thapelo eo ka mantsoe a reng, “Ntat’a rōna.” Sena se re hopotsa hore Jehova ke Ntate oa bara le barali babo rōna lefatšeng lohle. (1 Pet. 2:17) Bao Jehova a ba khethileng hore ba il’o phela leholimong o ba nka e le bara, kahoo ke Ntate oa bona ka tsela e ikhethang. (Bar. 8:15-17) Ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, le bona ba ka mo bitsa “Ntate.” Jehova o ba file bophelo ’me ka lerato o ba fa seo ba se hlokang. Ha ba se ba phethahetse ’me ba fetile tekong ea ho qetela ba tšepahetse ho Jehova, ba tla bitsoa “bana ba Molimo.” (Bar. 8:21; Tšen. 20:7, 8) Batsoali ba fa bana ba bona mpho ea bohlokoa ha ba ba thusa ho utloisisa hore Jehova ke Ntate oa bona ea maholimong, ’me ba ba ruta hore ba mo rapele. Mpho e khōlō ka ho fetisisa eo batsoali ba ka e fang bana ke ho ba ruta hore Jehova ke Motho oa sebele le hore e ka ba Motsoalle oa bona. w15 6/15 4:4-6

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | August

BEKE EA LA 9-15 OCTOBER, 2017

17 Hlobola Botho ba Khale ’me U bo Lahle

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela