Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
October
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labohlano, la 13 October

U re lopolle ho ea khopo.—Mat. 6:13.

Re ka etsa’ng ho bontša hore re batla hore Jehova a “re lopolle ho ea khopo”? Ha rea lokela ho ba “karolo ea lefatše,” esita le ‘ho rata lefatše kapa lintho tse lefatšeng.’ (Joh. 15:19; 1 Joh. 2:15-17) Ruri re tla thaba ha Jehova a felisa Satane le lefatše lena le khopo! Empa ho fihlela ka nako eo, re lokela ho hopola hore Satane o halefile haholo, kaha o oa tseba hore o saletsoe ke nako e khutšoanyane. O tla leka kahohle ho etsa hore re khaotse ho sebeletsa Jehova. Kahoo, re lokela ho lula re rapela Jehova e le hore a re sireletse ho Satane. (Tšen. 12:12, 17) Na u batla ho phela lefatšeng le se nang Satane? Haeba ho joalo, tsoela pele ho rapella ’Muso oa Molimo hore o tle, lebitso la Molimo le halaletsoe le hore thato ea hae e etsahale lefatšeng. Lula u tšepa Jehova hore o tla u hlokomela le ho u fa sohle seo u se hlokang hore u tšepahale ho eena. Etsa sohle se matleng a hao ho phela tumellanong le thapelo ea mohlala.—Mat. 6:9-13. w15 6/15 5:12, 17, 18

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | August

BEKE EA LA 9-15 OCTOBER, 2017

17 Hlobola Botho ba Khale ’me U bo Lahle

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela