Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
October
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labone, la 5 October

Ka eena ’mele oohle, ka ho ba o kopantsoeng hammoho ka tumellano.—Baef. 4:16.

Ruri rea thaba ha re bala Bukeng ea Selemo litlaleho tsa mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng ka bophara! Ak’u boele u nahane ka bonngoe bo bang teng ha re le likopanong. Ha re le moo, re mamela molaetsa o tšoanang. Lipuo, litšoantšiso le lipontšo tse fanoang moo, li re khothalletsa ho fa Jehova se molemohali. Re boetse re ba bonngoeng le bara le barali babo rōna selemo le selemo ha re ba teng Sehopotsong. (1 Bakor. 11:23-26) Re se tšoarela hong ka la 14 Nisane, ka mor’a hore letsatsi le likele, ho bontša hore re ananela seo Jehova a re etselitseng sona le hore re mamela taelo ea Jesu. Libeke pele ho Sehopotso, re sebetsa ’moho ho mema batho ba bangata kamoo ho ka khonehang hore ba be le rōna ketsahalong ena e ikhethang. Ka bomong, re ke ke ra khona ho pakela batho bohle. Empa kaha re sebetsa re momahane, re khona ho bolella batho ba limilione ka Jehova, ’me re ba thusa ho mo hlompha le ho mo rorisa. w16.03 3:4, 6, 7

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | August

BEKE EA LA 2-8 OCTOBER, 2017

8 ‘Khotso ea Molimo e Feta Monahano Oohle’

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela