Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
October
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labohlano, la 20 October

Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.—Jer. 10:23.

Bibele e bontša ka ho hlaka hore Molimo ha aa re bōpa re e-na le bokhoni ba ho ikhethela se nepahetseng le se fosahetseng. Jehova o tseba se ka re tsoelang molemo. Kahoo, ha re amohela bobusi ba hae ’me re mo mamela, re tla phela ka khotso ’me re khotsofale. Jehova o re rutile ’nete ena ea bohlokoa hobane a re rata. Ntate ea lerato o nahana ka ho teba ka bokamoso ba bana ba hae. O batla hore ba khotsofale bophelong. Ka masoabi, batho ba bangata ba tšoenyehile ka bokamoso, ’me ba bangata ba senya nako ea bona ka lintho tse ke keng tsa ba tsoela molemo nakong e tlang. (Pes. 90:10) Ruri rea thaba hore ebe Ntate oa rōna, Jehova o re ruta hore re phele bophelo bo khotsofatsang hona joale, ebile o re tšepisa bokamoso bo babatsehang! w15 9/15 4:10, 11

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | August

BEKE EA LA 16-22 OCTOBER, 2017

22 Lula U Apere Botho bo Bocha

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela