Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
September
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Mantaha, la 25 September

U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.—Mat. 22:39.

Lerato ke tšobotsi ea Jehova Molimo e ka sehloohong. (1 Joh. 4:16) Jesu Kreste, e leng letsibolo la pōpo, o qetile lilemo tse libilione le Ntate oa hae leholimong ’me o oa tseba hore Jehova ke Molimo ea lerato. (Bakol. 1:15) Jesu o bonahalitse lerato le tšoanang ha a le leholimong le ha a le lefatšeng. Kahoo, re ka kholiseha hore Jehova le Jesu ba tla tsoela pele ho busa ka lerato. Ha motho e mong a botsa Jesu hore na taelo e khōlō ka ho fetisisa ke efe, Jesu o ile a re: “‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.’ Ena ke eona taelo e khōlō le ea pele. Ea bobeli, e joaloka eona, ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’” (Mat. 22:37-39) Ke habohlokoa hore re bontše lerato litšebelisanong tsohle tsa rōna le ba bang. Jesu o ile a re re lokela ho rata Jehova le moahelani. w15 11/15 4:1-3

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | August

BEKE EA LA 25 SEPTEMBER, 2017–LA 1 OCTOBER, 2017

3 Na U Ikemiselitse ho Leta U sa Fele Pelo?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela