Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
October
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Moqebelo, la 21 October

Ho ke ke ha e-ba le phoka kapa pula, haese ka taelo ea lentsoe la ka!—1 Mar. 17:1.

Nakong e fetileng, batho ba bangata ba ne ba e-na le monyetla oa ho bona le ho utloa kamoo Molimo a ’nileng a thusa Iseraele kateng. Jehova o ile a etsa mehlolo e le hore a lopolle batho ba hae Egepeta le hore a hlōle marena a mangata Naheng e Tšepisitsoeng. (Josh. 9:3, 9, 10) Lira tsa Baiseraele li ile tsa hlōloa kaha li ne li sa batle ho lumela hore Jehova o loanela batho ba hae. Hamorao, Morena Akabe ea khopo o ile a ba le monyetla oa ho bona matla a Molimo ka makhetlo a ’maloa. Ha nako e ntse e ea, Elia o ile a rapela Jehova, ’me Molimo a araba thapelo ea hae ka ho romela mollo o tsoang leholimong. Akabe o ile a bona ketsahalo eo. Elia a ntan’o bolella Akabe hore Jehova o tl’o nesa pula ’me a felise komello. (1 Mar. 18:22-45) Akabe o ile a bona mehlolo ena eohle leha ho le joalo a ’na a hana ho lumela hore o bone matla a Jehova. Re ithuta’ng mohlaleng oo? Re lokela ho ikitlaelletsa ho lemoha litsela tseo Molimo a re thusang ka tsona. w15 10/15 1:4, 5

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | August

BEKE EA LA 16-22 OCTOBER, 2017

22 Lula U Apere Botho bo Bocha

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela