Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
October
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Mantaha, la 23 October

Le ka mohla re se ke ra hoholeha.—Baheb. 2:1.

Ho thuisa ka Jehova le Jesu ho tla re thusa hore re be Bakreste ba hōlileng tsebong ’me re be le tumelo e matla. (Baheb. 5:14; 6:1) Motho ea sa ipheng nako e lekaneng ea ho thuisa ka Molimo, o tla senya setsoalle sa hae le Jehova butle-butle kapa a qetelle a mo furaletse. (Baheb. 3:12) Jesu o ile a re lemosa hore haeba re sa ho amohele Lentsoe la Molimo “ka pelo e ntle” kapa re sa le mamele, re ke ke ‘ra le boloka.’ Ho e-na le hoo, re tla “nkoa ke matšoenyeho le maruo le menyaka ea bophelo bona.” (Luka 8:14, 15) Kahoo, a re tsoeleng pele ho thuisa ka Bibele ’me re tsebe Jehova haholoanyane. Sena se tla re susumelletsa hore re etsise litšobotsi tsa hae le botho ba hae. (2 Bakor. 3:18) Re lokela ho tsoela pele re ithuta ka Ntate oa rōna ea leholimong ’me re mo etsise ka ho sa feleng. Ruri eo ke tlotla e khōlō ka ho fetisisa!—Moek. 3:11. w15 10/15 4:13, 14

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | September

BEKE EA LA 23-29 OCTOBER, 2017

3 Na U Khona ho Itšoara?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela