Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
October
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labobeli, la 24 October

U tsebe bohlale bakeng sa moea oa hao. Haeba u bo fumane, joale ho na le bokamoso.—Liprov. 24:14.

U batla hore bana ba hao ba be le kamano e ntle le Jehova. ’Me Jehova o batla hore u ba koetlise le ho ba khalemela. O u file boikarabelo boo. (Baef. 6:4) Kahoo, u lokela ho netefatsa hore u koetlisa bana ba hao kamehla. Nahana ka sena: U etsa bonnete ba hore bana ba hao ba ea sekolong hobane u ua tseba hore thuto ke ea bohlokoa ’me u batla hore ba ithute lintho tse ncha. U boetse u tiisa hore ba ea libokeng, likopanong le ho ba teng borapeling ba lelapa. Etsoe, thuto eo Jehova a fanang ka eona e ka ba sireletsa. Kahoo, ba thuse hore ba thabele ho ithuta ka Jehova, ’me ba elelloe hore a ka ba ruta lintho tse tla ba hlalefisa. Ho feta moo, koetlisa bana ba hao hore ba be teng kamehla tšebeletsong ea tšimo. Etsisa mohlala oa Jesu ka ho ba thusa hore ba thabele ho ruta ba bang Lentsoe la Molimo. w15 11/15 2:6

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | September

BEKE EA LA 23-29 OCTOBER, 2017

3 Na U Khona ho Itšoara?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela