Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
October
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labobeli, la 31 October

Ha re sebetsa hammoho le eena, re boetse re le kōpa ka tieo hore le se ke la amohela mosa o sa tšoanelang oa Molimo ’me la lahleheloa ke morero oa oona.—2 Bakor. 6:1.

Jehova ke Molimo ea phahameng ka ho fetisisa. O bōpile lintho tsohle, ebile o matla ’me o bohlale ka tsela e ke keng ea lekanngoa. Ka mor’a hore a thuse Jobo ho utloisisa ntlha ena, Jobo o ile a re: “Kea tseba hore u khona ho etsa lintho tsohle, ha ho khopolo eo u ke keng ua e fihlela.” (Jobo 42:2) Jehova a ka khona ho etsa ntho leha e le efe eo a batlang ho e etsa, a sa kōpe thuso. Empa o bontša batho lerato ka ho ba mema hore ba sebetse le eena ho finyella morero oa hae. Molimo o ile a bōpa Jesu pele. Eaba o mo sebelisa hore a bōpe lintho tse ling tsohle. (Joh. 1:1-3, 18) Kahoo, Jehova o ile a fa Mora oa hae mosebetsi oa bohlokoa, a ba a bolella ba bang ka oona. O mo file tlotla e khōlō hakaakang!—Bakol. 1:15-17. w16.01 5:1, 2

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | September

BEKE EA LA 30 OCTOBER, 2017–5 NOVEMBER, 2017

8 Etsisa Jehova ka Hore U Utloele Batho Bohloko

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela