Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
October
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labone, la 26 October

Ha tsoha ho korotla har’a Bajuda ba buang Segerike khahlanong le Bajuda ba buang Seheberu.—Lik. 6:1.

Ha litaba tse molemo li ntse li pharalla, Bakreste ba bangata ba ile ba bua Segerike ho fapana le Seheberu. Kaha batho ba bangata ba ne ba bua Segerike, buka ea Matheu, Mareka, Luka le Johanne li ile tsa ngoloa ka Segerike. Libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ke moapostola Pauluse le ba bang le tsona li ile tsa ngoloa ka Segerike. Ke ho thahasellisang hore ebe bangoli ba Mangolo a Segerike a Bakreste ba ne ba atisa ho sebelisa Septuagint ha ba qotsa Mangolo a Seheberu. Ka linako tse ling mantsoe ao a qotsitsoeng a ne a fapana hanyenyane le a Seheberu sa qalong. Kahoo, mosebetsi oo bafetoleli ba sa phethahalang ba ileng ba o etsa, ke karolo ea Bibele eo re e sebelisang kajeno. Sena se re ruta hore Jehova ha a nke hore puo kapa setso se itseng se molemo ho feta tse ling.—Lik. 10:34. w15 12/15 1:8, 9

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | September

BEKE EA LA 23-29 OCTOBER, 2017

3 Na U Khona ho Itšoara?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela