Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
October
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labohlano, la 27 October

Jehova, e se eka u ka bula molomo oa ka, E le hore molomo oa ka o ka bolela thoriso ea hao.—Pes. 51:15.

Ka linako tse ling, ho hlokahala hore re thōle. Bibele e re ho na le “nako ea ho khutsa.” (Moek. 3:7) Ka mohlala, rea thōla ha ba bang ba bua, ho bontša hore rea ba hlompha. (Jobo 6:24) Hape, ha re bue makunutu a ba bang le lintho tseo batho ba sa lokelang ho li tseba. (Liprov. 20:19) Ha motho e mong a re halefisa, e ka ba hantle hore re lule re khobile matšoafo ’me re thōle. (Pes. 4:4) Empa ka linako tse ling re lokela ho bua. (Moek. 3:7) Ho na le nako ea ho rorisa Jehova, ea ho khothatsa ba bang, ea ho ntša maikutlo le ea ho bolella ba bang seo re se hlokang. Ha re sebelisa bokhoni ba ho bua ka tsela ena, re bontša Jehova hore re ananela mpho ena eo a re fileng eona. Etsoe ha motsoalle a re file mpho ea bohlokoa, re batla ho e tšoara hantle. w15 12/15 3:4, 5

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | September

BEKE EA LA 23-29 OCTOBER, 2017

3 Na U Khona ho Itšoara?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela