Labone, la 2 November
Uena mora oa lekhabunyane la lerabele, na ha ke tsebe hantle hore u khetha mora oa Jese bakeng sa ho itlotlolla le bakeng sa ho tlotlolla litho tse sephiring tsa ’m’ao?—1 Sam. 20:30.
Re ka boetse ra bontša hore re tšepahala ho Jehova haeba mor’abo rōna ea etellang pele a re tšoara ka leeme. Morena Saule o ne a khethiloe ke Molimo, leha ho le joalo o ile a tšoara mora oa hae hampe. O ne a sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Jonathane a rata Davida. Kahoo, ha Jonathane a leka ho thusa Davida, Saule o ile a mo halefela ’me a mo tlotlolla ka pel’a batho ba bangata. Empa Jonathane o ile a mo hlompha ho ntse ho le joalo. Ka nako e tšoanang, o ile a lula a tšepahala ho Jehova le ho Davida, eo Molimo a neng a mo khethile hore e be morena ea latelang oa Iseraele. (1 Sam. 20:31-41) Barab’abo rōna ba etellang pele ka phuthehong ba leka ho tšoara bohle ka tsela e se nang leeme. Empa ha baa phethahala. Kahoo, ba ka ’na ba se ke ba utloisisa hore na ke hobane’ng ha re etsa lintho ka tsela e itseng. (1 Sam. 1:13-17) Ka hona, haeba ba sa re utloisise kapa ba re nahanela hampe, a re luleng re tšepahala ho Jehova. w16.02 3:14, 15