Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
October
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Sontaha, la 29 October

Kreste o ile a shoa hang le ka ho ke keng ha phetoa malebana le libe, motho ea lokileng bakeng sa ba sa lokang.—1 Pet. 3:18.

Kaofela ha rōna re futsitse sebe ho Adama, ’me kotlo ea sebe seo ke lefu. (Bar. 5:12) Jehova o ile a susumetsoa ke lerato hore a romele Jesu lefatšeng ho tla re shoela, e le hore “a ka latsoa lefu bakeng sa motho e mong le e mong.” (Baheb. 2:9) Sehlabelo sa Jesu se tla finyella eng? Se tla felisa lefu ka ho sa feleng. (Esa. 25:7, 8; 1 Bakor. 15:22, 26) Bohle ba lumelang ho Jesu ba tla phela ka ho sa feleng ka khotso ba bile ba thabile, ba bang e tla ba marena le Kreste leholimong ha ba bang e tla ba bafo ba ’Muso oa Molimo lefatšeng. (Bar. 6:23; Tšen. 5:9, 10) Mpho eo Jehova a re fileng eona e akarelletsa litlhohonolofatso life tse ling? Ka lebaka la mpho eo Molimo a re fileng eona, lefatše e tla ba paradeise, ba kulang ba tla phekoloa ’me bafu ba tsosoe. (Esa. 33:24; 35:5, 6; Joh. 5:28, 29) Re leboha Jehova le Mora oa hae ka ho re fa ‘mpho ena e ke keng ea hlalosoa le e sa lefelloeng.’—2 Bakor. 9:15. w16.01 2:5, 6

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | September

BEKE EA LA 23-29 OCTOBER, 2017

3 Na U Khona ho Itšoara?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela