Sontaha, la 5 November
Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.—Baheb. 4:12.
Ha barab’abo rōna ba sa le tlaase lilemong, batsoali ba bona ha baa ka ba ba khothalletsa ho ipehela lipakane tšebeletsong ea Jehova. Kahoo, ha ho mohla ho sebeletsa Molimo e kileng ea e-ba taba ea bohlokoa bophelong ba bona. (Mat. 10:24) Moholo o lokela ho ipha nako ea ho itloaetsa mor’abo rōna ea batlang ho mo koetlisa ’me a mo bolelle hore phutheho e ea mo hloka. Joale, ha nako e ntse e ea, moholo o tla lula fatše le eena ’me ba buisane ka litemana tse ka mo thusang ho nahana ka boinehelo ba hae ho Jehova. (Moek. 5:4; Esa. 6:8; Mat. 6:24, 33; Luka 9:57-62; 1 Bakor. 15:58; 2 Bakor. 5:15; 13:5) A ka leka ho mo finyella pelo ka ho mo botsa lipotso tse kang: ‘U ile ua tšepisa Jehova eng ha u inehela ho eena? U nahana hore Jehova o ile a ikutloa joang ha u kolobetsoa?’ (Liprov. 27:11) ‘Satane eena o ile a ikutloa joang?’ (1 Pet. 5:8) Baholo ba hopole kamehla hore litemana tse kang tsena li matla ’me li ka ama mor’abo rōna ka ho teba. w15 4/15 2:9, 11