Labobeli, la 7 November
Le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.—Jak. 4:7.
Ha bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo ntse bo atamela, Satane o batla hore re “ikhauhele” ka hore re batle ho atleha lefatšeng lena. O batla ho re lebatsa hore re phela matsatsing a ho qetela ’me kahoo re khaotse ho lebela. U se ke ua lumella seo! Ho e-na le hoo, ‘lula u lebetse.’ (Mat. 16:22, 23; 24:42) U se ke ua kholoa leshano la Satane la hore bofelo bo sa le hōle kapa ha bo tle. Satane obatla hore re lumele hore Jehova ha a re rate le hore Molimo a ke ke a tšoarela libe tsa rōna. Empa ana ke mashano a Satane. Nahana ka sena, hantle-ntle ke mang eo Jehova a sa mo rateng? Ke Satane. Ke mang eo Molimo a ke keng a mo tšoarela? Ke Satane. Empa Bibele e re ka rōna: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.” (Baheb. 6:10) Jehova o ananela sohle seo re mo etsetsang sona, ’me tšebeletso ea rōna ho eena hase ea lefeela. (1 Bakor. 15:58) Kahoo, u se ke ua thetsoa ke mashano a Satane. w15 5/15 1:16-19
BEKE EA LA 6-12 NOVEMBER, 2017
18 “Lentsoe la Molimo oa Rōna, le . . . Tšoarella ho Isa Nakong e sa Lekanyetsoang”