Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
September
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labone, la 28 September

Luka ngaka e ratoang o le romela litumeliso, le Demase o le romela litumeliso.—Bakol. 4:14.

Luka e ne e le ngaka, ’me a tsamaea le Pauluse. Mohlomong o ne a thusa Pauluse le ba bang ha ba kula ha ba le maetong a boromuoa. (Bagal. 4:13) Joalokaha Jesu a ile a bontša, “ba kulang” ba hloka ngaka. (Luka 5:31) Luka e ne e se motho feela ea ratang ho eletsa ba bang ka tsa bophelo bo botle. O ne a ithutetse bongaka. Bibele ha e re bolelle hore na o ne a ithutetse bona hokae hona neng. Empa e re bolella hore Pauluse o ile a fetisetsa litumeliso tsa Luka ho Bakolose. Kahoo, e ka ’na eaba Luka o ne a ithutetse bongaka Laodisia, e haufi le Kolose. Ho feta moo, Luka o ile a sebelisa mantsoe a bongaka ha a ngola Kosepele ea hae le buka ea Liketso. Kaha e ne e le ngaka o ile a tlaleha liketsahalo tse ngata tsa ha Jesu a ne a folisa batho. w15 12/15 4:11, 12

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | August

BEKE EA LA 25 SEPTEMBER, 2017–LA 1 OCTOBER, 2017

3 Na U Ikemiselitse ho Leta U sa Fele Pelo?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela