Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
November
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Moqebelo, la 25 November

Banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba ba tla . . . re: “Re tla tsamaea le lōna.”—Zak. 8:23.

Jehova ha aa lebella hore re bue puo e itseng e le hore re mo tsebe kapa re tsebe merero ea hae. (Tšen. 7:9, 10) Batho ba bua lipuo tse ngata, empa seo hase bothata ho Jehova. Re tseba see joang? Ka Bibeleng ho na le lipolelo tse seng kae feela tseo Jesu a li buileng ka puo ea hae. (Mat. 27:46; Mar. 5:41; 7:34; 14:36) Empa Jehova o entse bonnete ba hore molaetsa oa Jesu o oa ngoloa le ho fetoleloa ka Segerike ’me hamorao oa fetoleloa ka lipuo tse ling. Kaha Bajuda le Bakreste ba ile ba kopitsa Lentsoe la Molimo hangata, seo se ile sa etsa hore molaetsa oa Molimo o bolokehe. Ha nako e ntse e ea, o ile oa fetoleloa le ka lipuo tse ling tse ngata. Lilemo tse ka bang 400 ka mor’a lefu la Kreste, John Chrysostom o ile a re lithuto tsa Jesu li ne li se li fetoletsoe ka lipuo tse buuoang Syria, Egepeta, India, Persia, Ethiopia le libakeng tse ling tse ngata. w15 12/15 1:10, 11

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | September

BEKE EA LA 20-26 NOVEMBER, 2017

28 “E-ba Sebete . . . ’me u Nke Bohato”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela