Moqebelo, la 18 November
Koetliso ea ’mele e na le molemo o monyenyane.—1 Tim. 4:8.
Batho ba bangata ba lumela hore ho ikoetlisa kamehla hoa khatholla ebile ho molemo. Empa ho thoe’ng haeba u batla ho ikoetlisa le sehlopha? Na hoa tsotelleha hore na u ikoetlisa le bo-mang? Liproverbia 13:20 e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” Ho hlakile hore re lokela ho sebelisa matsoalo a rōna a koetlisitsoeng ka Bibele ha re khetha boikhathollo. U qeta nako e kae boikhathollong? Na ntho e tlang pele bophelong ba hao ke liboka, tšebeletso ea tšimo le ho ithuta Bibele, kapa ke boikhathollo? Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho uena ke efe? Jesu o ile a re: “Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.” (Mat. 6:33) Na letsoalo la hao le u hopotsa keletso ee ea Jesu, ha u etsa qeto ea hore na u tla sebelisa nako ea hao joang? w15 9/15 2:13, 15