Labohlano, la 24 November
A re sebetseng se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.—Bagal. 6:10.
Kajeno, ho na le batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba sebeletsang Jehova. Ke bara le barali babo rōna. Re lokela ho ikutloa joang ka bona? (Bar. 12:10) Moapostola Petrose o ile a re ‘ho mamela ha rōna ’nete’ ho lokela ho hlahisa “lerato la bara ba motho” le se nang boikaketsi. Petrose o ile a boela a re ho Bakreste-’moho le eena: “Ka holim’a lintho tsohle, le bontšane lerato le matla haholo.” (1 Pet. 1:22; 4:8) Mokhatlo oa rōna oa lefatšeng lohle o oa ikhetha. Hobane’ng? Hobane re rata bara le barali babo rōna ka lerato la sebele. Habohlokoa le ho feta, kaha re rata Jehova ’me re mamela melao ea hae, o re tšehetsa ka moea o halalelang, e leng matla a maholo ka ho fetisisa bokahohleng. Moea oa Molimo o re thusa hore re momahane le barab’abo rōna lefatšeng lohle.—1 Joh. 4:20, 21. w15 11/15 4:8, 9