Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
November
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Mantaha, la 27 November

Ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.—Liprov. 14:15.

Ka bomalimabe, batho ba bang le lik’hamphani tse ling ba re ba fumane pheko e ka folisang maloetse a rōna. Ba bua sena hobane ba batla ho etsa chelete. Ba ka ’na ba re batho ba bangata ba sebelisitse pheko eo ’me e ba thusitse. Haeba re kula, re ka ’na ra ikemisetsa ho etsa ntho leha e le efe e ka re folisang ’me ea lelefatsa bophelo ba rōna. Haeba re le masene, re tla khetha ka hloko hore na re lumela eng, haholo haeba motho ea re eletsang a sa fumana koetliso e nepahetseng. Re ka ipotsa: ‘O re ho noa litlhare tsena le ho ja lijo tsena ho thusitse batho, empa na ke kholisehile hore seo ke ’nete? Le haeba li thusitse ba bang, ke tseba joang hore li tla nthusa? Na ho hlokahala hore ke etse lipatlisiso ’me ke buisane le motho ea koetlisitsoeng ea ka nthusang ka boloetse ba ka?’—Deut. 17:6. w15 12/15 4:14, 15

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | October

BEKE EA LA 27 NOVEMBER, 2017–3 DECEMBER, 2017

7 “Re Rate ka Ketso le ’Nete”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela