Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
November
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labobeli, la 28 November

Lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella.—2 Bakor. 5:14.

Pauluse o ne a tseba hore haeba re lemoha hore Jesu o re rata haholo, seo se tla re qobella kapa se re susumelletse hore re mo rate re be re mo hlomphe. Ka sebele, haeba re hlile re ananela seo Jehova a re etselitseng sona, re bile re lemoha hore o oa re rata, re tla susumelletseha ho phela ka tsela e bontšang hore re hlompha Jesu. Re ka etsa seo joang? Ha re rata Jehova, re tla susumelletseha ho etsisa mohlala oa Jesu le ho o latela haufi-ufi. (1 Pet. 2:21; 1 Joh. 2:6) Re bontša hore re rata Molimo le Kreste ha re ba mamela. Jesu o ile a re: “Ea nang le litaelo tsa ka ’me a li boloka, eo ke eena ea nthatang. Ea nthatang le eena o tla ratoa ke Ntate, ’me ke tla mo rata .” (Joh. 14:21; 1 Joh. 5:3) Kahoo, ipotse: ‘Ke likarolong life tsa bophelo tseo ke seng ke ntse ke etsisa Jesu ho tsona? Nka ntlafatsa likarolong life?’ Ke habohlokoa hore re ipotse lipotso tsena, kaha batho ba bangata lefatšeng lena ba re susumelletsa hore re phele ka tsela eo ba phelang ka eona.—Bar. 12:2. w16.01 2:7-9

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | October

BEKE EA LA 27 NOVEMBER, 2017–3 DECEMBER, 2017

7 “Re Rate ka Ketso le ’Nete”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela