Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
November
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Mantaha, la 20 November

Bahlanka ba hao ba tsoa . . . hōle haholo ka lebaka la lebitso la Jehova Molimo oa hao, hobane re utloile ka botumo ba hae le ka sohle seo a se entseng Egepeta.—Josh. 9:9.

Bagibeone ba ile ba etsa qeto e bohlale ka ho lumela hore Jehova o loanela Baiseraele Rahaba le eena o ile a lemoha matla a Jehova. E ne e se Moiseraele, empa o ne a utloetse kamoo Jehova a ileng a lopolla batho ba hae Egepeta kateng. Ha lihloela tse peli tsa Baiseraele li fihla ha hae, o ile a re ho tsona: “Ke fela ke tseba hore ka sebele Jehova o tla le fa naha ena.” Rahaba o ne a lumela hore Jehova o tla mo pholosa a be a pholose ba lelapa labo. O ile a bontša hore o lumela ho Jehova, le hoja ho etsa seo ho ne ho le kotsi. (Josh. 2:9-13; 4:23, 24) Mehlala ena e metle le e mebe ea ka Bibeleng e re thusa ho utloisisa hore na ho bolela’ng ho “bona Molimo” kapa ho lemoha matla a hae. Ha re tsoela pele ho ithuta ka Jehova le ka litšobotsi tsa hae, re khona ho lemoha matla a hae ka ‘mahlo a lipelo tsa rōna.’ (Baef. 1:18) Sena se re susumelletsa ho batla ho etsisa batho ba tšepahalang ba boholo-holo le ba mehleng ea kajeno ba boneng kamoo Jehova a ’nileng a hlokomela batho ba hae kateng. w15 10/15 1:6, 7, 9

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | September

BEKE EA LA 20-26 NOVEMBER, 2017

28 “E-ba Sebete . . . ’me u Nke Bohato”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela