Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
November
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labone, la 30 November

Ke nyakaletse ka pel’a hae ka nako eohle.—Liprov. 8:30.

Jesu o ne a thabela ho sebetsa le Ntate oa hae, kaha o ne a etsa lintho tse ngata a bile a tseba hore Jehova o oa mo rata. Empa na le rōna re thabela ho sebetsa le Molimo? Jesu o ile a re rea thaba ha re fana le ha re fuoa. (Lik. 20:35) Re ile ra thaba ha re rutoa Bibele, joale ke hobane’ng ha re boetse re thaba ha re ruta batho ba bang Bibele? Hobane le bona baa thaba ha ba utloisisa seo Bibele e se rutang ’me ba qala ho ba le kamano e ntle le Molimo. Re thabisoa ke ho ba bona ba fetola tsela eo ba nahanang ka eona le eo ba phelang ka eona. Ho bolela litaba tse molemo ke mosebetsi oa bohlokoa le o khotsofatsang ka ho fetisisa oo motho a ka o etsang. O thusa batho bao e bang metsoalle ea Molimo hore ba fumane bophelo bo sa feleng.—2 Bakor. 5:20. w16.01 5:6, 7

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | October

BEKE EA LA 27 NOVEMBER, 2017–3 DECEMBER, 2017

7 “Re Rate ka Ketso le ’Nete”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela