Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
November
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labone, la 23 November

Etsa hore ke utloisise, e le hore nka boloka molao oa hao le hore nka o boloka ka pelo eohle.—Pes. 119:34.

Batla nako e loketseng ea ho hlalosetsa ngoana hore na ke hobane’ng ha u entse qeto kapa u behile molao o itseng. A ka ’na a nolofalloa ho u mamela ha a utloisisa lebaka. Barry ea hōlisitseng bana ba bane o re: “Ha u bolella bana lebaka, ba tla u tšepa.” Ba tla hlokomela hore ha u behe molao kapa hona ho etsa liqeto hobane feela u e-na le tokelo ea ho etsa joalo, empa hobane u na le lebaka le utloahalang. Hape, u hopole hore bacha ha e sa le bana. Ba ithuta ho inahanela lintho, ’me ba batla ho iketsetsa liqeto. (Bar. 12:1) Barry o re: “Bacha ba lokela ho ithuta ho etsa liqeto hobane ba nahanisisitse ka taba, eseng hobane ba nkoa ke pelo.” Kahoo, ikokobetse ’me u hlalosetse ngoana oa hao hore na ke hobane’ng ha u entse qeto eo. Ha u etsa joalo, o tla ithuta ho iketsetsa liqeto, ’me o tla bona hore u ua mo hlompha le hore u ua hlokomela hore o se a hōlile. w15 11/15 2:11

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | September

BEKE EA LA 20-26 NOVEMBER, 2017

28 “E-ba Sebete . . . ’me u Nke Bohato”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela