Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
November
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Laboraro, la 29 November

Re tla ba joaloka eena, hobane re tla mo bona feela joalokaha a le joalo.—1 Joh. 3:2.

Na u chesehela mosebetsi oa boboleli ka tsela e khethehileng? Na ka sebele u thabela ho bala Bibele le ho ithuta “lintho tse tebileng tsa Molimo”? (1 Bakor. 2:10) Na u bona eka Jehova o u hlohonolofalitse haholo mosebetsing oa boboleli? Na ho etsa thato ea Jehova ke eona ntho e tlang pele bophelong ba hao? Na u rata batho ba bang ka ho tebileng ’me u ikutloa u tlameha ho ba thusa hore ba sebeletse Jehova? Na ho na le bopaki ba hore Jehova o u thusitse ka ho khetheha maemong a itseng bophelong ba hao? Haeba u arabetse lipotso tsena kaofela ka e, na seo se bolela hore u khethetsoe ho ea leholimong? Che. Hobane’ng? Hobane bahlanka bohle ba Molimo ba ka ikutloa ka tsela ena, ho sa tsotellehe hore na ke batlotsuoa kapa che. Hape, Jehova a ka sebelisa moea o halalelang hore a fe bahlanka leha e le bafe ba hae matla ana, ho sa tsotellehe hore na ba na le tšepo efe. Ha e le hantle, haeba u ntse u ipotsa hore na u khethetsoe ho ea leholimong kapa che, seo ke bopaki ba hore ha u ua khethoa. w16.01 3:14, 15

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | October

BEKE EA LA 27 NOVEMBER, 2017–3 DECEMBER, 2017

7 “Re Rate ka Ketso le ’Nete”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela