Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
November
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Moqebelo, la 4 November

A re hōleng linthong tsohle ka lerato.—Baef. 4:15.

Pauluse o ile a etsa mohlala ka ’mele ho bontša hore Mokreste e mong le e mong a ka tlatsetsa ho etseng hore ho be le bonngoe ka phuthehong, ’me a etsise Jesu, e leng eena Moeta-pele oa phutheho. O ile a re litho tsohle tsa ’mele li sebelisana ’moho ‘lenonyellong le leng le le leng bakeng sa ho fana ka se hlokahalang.’ (Baef. 4:16) Kahoo, kaofela re lokela ho etsa’ng, ho sa tsotellehe hore na re bacha kapa re se re hōlile, re phela hantle kapa rea kula? Jesu o khethile baholo hore ba re etelle pele ka phuthehong, ’me o batla hore re ba hlomphe re be re latele tataiso eo ba re fang eona. (Baheb. 13:7, 17) Ka linako tse ling ha ho bonolo ho etsa seo. Empa re ka kōpa Jehova hore a re thuse. Ka moea oa hae o halalelang a ka re thusa hore re latele tataiso leha e le efe eo baholo ba re fang eona. Ak’u nahane kamoo re ka tlatsetsang bonngoeng ba phutheho kateng haeba re ikokobelitse re bile re sebelisana le baholo. Phutheho e tla momahana, ’me re tla ratana le ho feta. w16.03 3:8, 9

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | September

BEKE EA LA 30 OCTOBER, 2017–5 NOVEMBER, 2017

8 Etsisa Jehova ka Hore U Utloele Batho Bohloko

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela