Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
April
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Moqebelo, la 1 April

Le lebele. Mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.—1 Pet. 5:8.

Qalong, sebōpuoa sena sa moea se ne se e-na le kamano e ntle le Jehova. Empa hamorao, lengeloi lena le ile la batla hore batho ba le rapele. Ho e-na le ho leleka takatso eo e fosahetseng, le ile la e lumella ho hōla ho fihlela le etsa sebe. (Jak. 1:14, 15) Ha re tsebe lebitso la lona la qalong, empa hona joale le bitsoa Satane. Satane “ha aa ka a ema a tiile ’neteng.” O ile a fetohela Jehova ’me ea e-ba “ntate oa leshano.” (Joh. 8:44) Ka mor’a hore Satane a fetohele Jehova, e ile ea e-ba sera se seholo sa Jehova le batho. Ho latela tsela eo Bibele e mo hlalosang ka eona, re khona ho bona kamoo Satane a silafetseng kateng. Satane e bolela “Mohanyetsi,” e leng se bontšang hore lengeloi lena le khopo le hloile puso ea Molimo ’me le etsa sohle se matleng a lona ho e loantša. Seo Satane a hlileng a se batlang ke ho felisa puso ea Jehova. w15 5/15 1:1, 2

Lethathamo la Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | January

BEKE EA LA 27 MARCH, 2017–LA 2 APRIL, 2017

27 “Lintho Tsena U li Behe ho Banna ba Tšepahalang”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela