Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
April
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Sontaha, la 2 April

Haeba leha e le mang a rata Molimo, enoa o tsejoa ke eena.—1 Bakor. 8:3.

Ke ’nete hore ha re ithuta Bibele, re hlokomela moo re lokelang ho etsa liphetoho teng e le hore re ntlafatse tsela eo re sebeletsang Jehova ka eona. Re boetse re ithuta ka liketso tsa hae tse bontšang lerato le ka botho ba hae, e leng se etsang hore re mo rate haholoanyane. Ha re ntse re tsoela pele ho mo rata, seo se etsa hore le eena a re rate, ’me kamano ea rōna le eena e ba matla. Haeba re batla ho atamela haufi le Jehova, ke habohlokoa hore re ithute Bibele ka sepheo se nepahetseng. Jesu o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Joh. 17:3) Morero oa rōna o ka sehloohong e lokela ho ba ho tseba Jehova hamolemo e le Motho oa sebele. (Ex. 33:13; Pes. 25:4) Haeba Jehova ke Motsoalle oa rōna ea haufi, re ke ke ra khathatseha ha Bibele e sa hlalose mabaka ao a entseng lintho tse ling ka ’ona. w15 4/15 3:6-8

Lethathamo la Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | January

BEKE EA LA 27 MARCH, 2017–LA 2 APRIL, 2017

27 “Lintho Tsena U li Behe ho Banna ba Tšepahalang”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela