Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
April
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Mantaha, la 3 April

[Timothea] o tla le hopotsa mekhoa ea ka mabapi le Kreste Jesu, feela joalokaha ke ruta hohle phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe.—1 Bakor. 4:17.

Haufinyane tjena, re ile ra botsa baholo ba atlehileng ho koetlisa barab’abo rōna ka phuthehong ho jara boikarabelo bo eketsehileng hore na ba entse seo joang. Baholo bana kaofela ba fane ka keletso e tšoanang le hoja maemo a bona a sa tšoane. See se bontša’ng? Hore koetliso e thehiloeng Bibeleng e molemo “hohle phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe.” Mokoetlisi o lokela ho etsa hore maemo e be a loketseng koetliso. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Feela joalokaha molemi a lokela ho lokisa mobu pele a jala, mokoetlisi le eena o lokela ho lokisa pelo ea mor’abo rōna pele a mo koetlisa. Kahoo, mokoetlisi a ka etsa’ng ho lokisa pelo ea mor’abo rōna pele a mo koetlisa? A ka etsisa mohlala oa moprofeta Samuele, ea ileng a koetlisetsa Saule ho etella Iseraele pele.—1 Sam. 9:15-27; 10:1. w15 4/15 1:11, 12

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | February

BEKE EA LA 3-9 APRIL, 2017

3 Morero oa Jehova o Tla Phethahala!

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela