Labohlano, la 26 May
Nahanisisa ka lintho tsena.—1 Tim. 4:15.
Jehova o re file mpho ea hore re khone ho sebelisa puo. (Pes. 139:14; Tšen. 4:11) O boetse o re file mpho e ’ngoe e re khethollang ho liphoofolo. Batho ba entsoe “ka setšoantšo sa Molimo.” Re na le bolokolohi ba ho ikhethela kapa ba ho iketsetsa liqeto. Hape re ka khetha ho sebelisa puo hore re sebeletse Jehova le ho mo rorisa. (Gen. 1:27) Jehova o re file Bibele e le hore re tsebe hore na re lokela ho mo sebeletsa le ho mo rorisa joang. Bibele e fumaneha ka lipuo tse fetang 2 800, e feletse kapa e sa fella. Ha re thuisa ka seo Bibele e se rutang, re tla nahana ka tsela eo Molimo a nahanang ka eona. (Pes. 40:5; 92:5; 139:17) ’Me litsela tsa Jehova lia re hlalefisa ebile li re lebisa bophelong bo sa feleng. (2 Tim. 3:14-17) Ho thuisa ho bolela ho nahana ka ho teba kapa ho nahanisisa ka taba e itseng. (Pes. 77:12; Liprov. 24:1, 2) Re rua molemo haholo ha re thuisa ka seo re ithutang sona ka Jehova le Jesu.—Joh. 17:3. w15 10/15 4:2-4