Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
September
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Sontaha, la 10 September

Lintho tsa bohlokoa tsa ea ruileng . . . li joaloka lerako le sireletsang monahanong oa hae.—Liprov. 18:11.

Bibele e re re lokela ho tsepamisa kelello tabeng ea ho khahlisa Jehova, eseng ho batla maruo. Esita le haeba motho e le morui, chelete e ke ke ea mo sireletsa. Jesu o ile a re ke booatla hore motho a ipokellele matlotlo a mangata, empa a sa re letho ka Jehova. Seo se bontša hore ha aa “ruela ho Molimo.” (Luka 12:16-21) Ha re ipolokela “matlotlo leholimong” ka ho etsa lintho tse khahlisang Jehova, re tla mo thabisa ’me le rōna re tla thaba. (Mat. 6:20; Liprov. 27:11) Ho ba le kamano e ntle le Jehova ke habohlokoa ho feta ntho leha e le efe. Haeba re lelekisa maruo lefatšeng lena, re tla lula re tšoenyehile. (Mat. 6:19) Jesu o ile a re ba lulang ba tšoenyehile ka chelete ba tla thatafalloa ho etelletsa ’Muso oa Molimo pele bophelong.—Mat. 13:18, 19, 22. w15 5/15 4:15, 16

TSE KA HARE
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | July

BEKE EA LA 4-10 SEPTEMBER, 2017

12 “Llang le Batho ba Llang”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela