Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
September
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Mantaha, la 11 September

Bongata bo [ile] ba makala ha bo bona limumu li bua le ba holofetseng ba tsamaea le lifofu li bona.—Mat. 15:31.

Molimo o ile a fa Jesu matla a hore a etse mehlolo e mengata e hlollang. Jesu ha aa ka a folisa balepera feela. O ile a folisa batho ba bangata ba nang le maloetse a mefuta e sa tšoaneng. Ha Jesu a folisa motho, o ne a sa hloke hore motho e mong ea phetseng hantle a fane ka setho se itseng sa ’mele. Ho e-na le hoo, Jesu o ne a e-na le matla a ho folisa litho tse kulang tsa ’mele. O ne a bile a folisa batho hang-hang, ka linako tse ling ba le hōle le eena. (Joh. 4:46-54) Mehlolo ee e bontša’ng? E bontša hore Morena oa rōna Jesu Kreste, o na le matla ebile o lakatsa ho felisa ho kula ka ho sa feleng. Ha re ithuta kamoo Jesu a ileng a tšoara batho kateng, seo se re fa kholiseho ea hore lefatšeng le lecha, “o tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng.” (Pes. 72:13) Jesu o tla folisa bohle ba kulang hobane a batla. w15 6/15 2:6

TSE KA HARE
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | July

BEKE EA LA 11-17 SEPTEMBER, 2017

17 Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ‘Rorisa Jah’?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela