Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
September
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labobeli, la 19 September

Ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.—Liprov. 14:15.

Kajeno, maloetse a mang e ka ’na eaba ha a na pheko. Kahoo, re lokela ho ba hlokolosi ka mekhoa ea phekolo eo ho thoeng e folisa maloetse a itseng empa re se na bopaki ba seo. Pauluse o ile a re: “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle.” (Bafil. 4:5) Ho ba le kahlolo e molemo ho tla re thusa hore re tsepamise kelello ho sebeletseng Jehova, ho e-na le ho tšoenyeha ka mekhoa ea phekolo. Haeba re ameha ho tlōla ka seo, re ka qetella re le baithati. (Bafil. 2:4) Rea tseba hore re ke ke ra phela hantle ka ho feletseng tsamaisong ena. Kahoo, etsa bonnete ba hore ho sebeletsa Jehova e ba hona ho tlang pele bophelong ba hao. (Bafil. 1:10) Kaofela re lokela ho ikhethela hore na re tla sebelisa mekhoa efe ea phekolo ’me re amohele liphello tsa seo re se khethileng. w15 9/15 2:8, 10

TSE KA HARE
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | July

BEKE EA LA 18-24 SEPTEMBER, 2017

22 “E se Eka . . . a ka Phethahatsa Morero Oohle oa Hao”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela