Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
September
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Mantaha, la 18 September

Basali ba hae ba [bahetene] ba ne ba khelositse pelo ea hae hore e latele melimo e meng, ’me . . . Solomone a qala ho etsa se sebe mahlong a Jehova.—1 Mar. 11:4, 6.

Litloaelano tse mpe li ile tsa susumetsa Solomone, ’me ha aa ka a lula a tšepahala ho Jehova. (1 Mar. 11:1-6) Haeba sena se ile sa etsahalla Solomone, se ka etsahalla motho leha e le ofe. Ke kahoo re sa lokelang ho nyalana le batho ba sa rateng Jehova! Ho thoe’ng haeba motho e e-ba morapeli oa Jehova a se a ntse a nyalane le motho ea sa lumelang? Bibele e re: “Lōna basali, le ipehe tlas’a banna ba lōna, e le hore, haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka hapuoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona.” (1 Pet. 3:1) Ho hlakile hore molao-motheo ona o oa sebetsa le ho monna haeba mosali oa hae e se morapeli oa Jehova. Lentsoe la Molimo le hlakile tabeng ena: U lokela ho ba monna kapa mosali ea molemo, ’me u sebelise melao ea Molimo lenyalong. Kahoo, ha molekane oa hao a hlokomela hore u fetohile ’me u se u le motho ea molemo, a ka ’na a batla ho sebeletsa Jehova. Sena se ’nile sa etsahalla banyalani ba bangata. w15 8/15 4:15, 16

TSE KA HARE
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | July

BEKE EA LA 18-24 SEPTEMBER, 2017

22 “E se Eka . . . a ka Phethahatsa Morero Oohle oa Hao”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela