Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
September
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labobeli, la 26 September

Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea.—Bar. 15:4.

Hase kamehla Jehova a neng a buisana le batho ka Seheberu. Nakong ea ha Baiseraele ba lokolloa Babylona, ba bang ba bona ba ne ba se ba bua Searame. Mohlomong ke kahoo Daniele, Jeremia le Esdrase ba ileng ba ngola likarolo tse ling tsa mangolo a bona ka Searame. Hamorao Alexandere e Moholo o ile a hapa linaha tse ngata, ’me Sekoine kapa Segerike se tloaelehileng sa buuoa linaheng tseo. Bajuda ba bangata ba ile ba qala ho bua Segerike, kahoo qetellong Mangolo a Seheberu a fetoleloa ka Segerike. Phetolelo eo e bitsoa Septuagint. Ke phetolelo ea pele ea Bibele ’me ke e ’ngoe ea tse ikhethang. Litsebi li lumela hore Septuagint e fetoletsoe ke batho ba 72. Ba bang ba fetoletse Mangolo a Seheberu lentsoe ka lentsoe, ha ba bang bona ba fetoletse moelelo. Leha ho le joalo, Bajuda le Bakreste ba buang Segerike ba ne ba lumela hore Septuagint ke Lentsoe la Molimo. w15 12/15 1:4-6

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | August

BEKE EA LA 25 SEPTEMBER, 2017–LA 1 OCTOBER, 2017

3 Na U Ikemiselitse ho Leta U sa Fele Pelo?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela