Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
September
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labone, la 21 September

Letsoho la Jehova le tla tsebahatsoa ho bahlanka ba hae.—Esa. 66:14.

Batho ba bangata ba nka hore Molimo ha a na taba le hore na ba etsa’ng. Ba nahana hore Molimo ha a tsotelle hore na ba hlaheloa ke’ng. Ka mohlala, ka mor’a hore sefefo se matla se senye karolo e khōlō ea Philippines ka November 2013, ramotse oa sebakeng seo o ile a re: “E tlameha ebe ho na le moo Molimo a ileng teng.” Batho ba bang ba nahana hore Molimo ha a bone lintho tseo ba li etsang. (Esa. 26:10, 11; 3 Joh. 11) Le mehleng ea moapostola Pauluse batho ba bang ba ne ba nahana joalo. O ile a re ka bona: ‘Ha baa ka ba ela Molimo hloko.’ Ba ne ba sa loka, ba le khopo ba bile ba le meharo. (Bar. 1:28, 29) Rōna re nahana’ng ka Molimo? Rea tseba hore Jehova o bona lintho tsohle tseo re li etsang. Empa na rea lumela hore Jehova o oa re tsotella? Na re lemoha tsela eo a re thusang ka eona? w15 10/15 1:1-3

TSE KA HARE
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | July

BEKE EA LA 18-24 SEPTEMBER, 2017

22 “E se Eka . . . a ka Phethahatsa Morero Oohle oa Hao”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela