Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
September
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labohlano, la 22 September

Ke tla u bontša tumelo ea ka ka mesebetsi ea ka.—Jak. 2:18.

Mosebetsi oa boboleli ke tsela e molemo ea ho bontša hore re na le tumelo. Hobane’ng? Hobane ha re bolela, re bontša hore re lumela hore bofelo bo haufi le hore ‘bo ke ke ba siuoa ke nako.’ (Hab. 2:3) E le hore re bone hore na tumelo ea rōna e matla hakae, re lokela ho ipotsa: ‘Ke nka mosebetsi oa boboleli e le oa bohlokoa hakae? Na ke etsa sohle seo nka se khonang ho bolella ba bang ka Molimo? Na ke batla litsela tsa ho sebeletsa Jehova ka ho eketsehileng?’ (2 Bakor. 13:5) A re bontšeng hore re na le tumelo e matla ka hore re bolele litaba tse molemo phatlalatsa. (Bar. 10:10) Re boetse re bontša tumelo ho Jehova ha re mamella mathata ao re tobanang le ’ona. Ha re kula, re nyahame, re imetsoe kelellong, re futsanehile kapa re e-na le mathata a mang, re lokela ho lumela hore Jehova le Jesu ba tla re ‘thusa ka nako e nepahetseng.’ (Baheb. 4:16) Re bontša hore re tšepa Jehova ha re mo kōpa hore a re thuse. w15 10/15 2:12-14

TSE KA HARE
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | July

BEKE EA LA 18-24 SEPTEMBER, 2017

22 “E se Eka . . . a ka Phethahatsa Morero Oohle oa Hao”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela