Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
September
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Moqebelo, la 23 September

Moea o halalelang . . . o tla . . . le [hopotsa] lintho tsohle tseo ke le boleletseng tsona.—Joh. 14:26.

Ebe u ka etsa’ng haeba ka le leng u thibeloa ho ba le Bibele? Ha ho na motho ea ka u thibelang ho thuisa ka lintho tseo u li tsebang, joaloka lengolo leo u le ratang kapa pina ea ’Muso. (Lik. 16:25) Moea oa Molimo le oona o tla u hopotsa lintho tseo u ithutileng tsona, ’me seo se tla u thusa hore u lule u tšepahala. Tsela e ’ngoe eo ka eona u ka etsang kemiso ea ho bala Bibele letsatsi le letsatsi ke efe? Mohlomong ka matsatsi a mang u ka bala ’malo oa Bibele oa beke le beke o tla tšohloa libokeng. Ka a mang u ka bala Kosepele ea Matheu, Mareka, Luka le ea Johanne ’me u thuise ka seo Jesu a se buileng le ho se etsa. (Bar. 10:17; Baheb. 12:2; 1 Pet. 2:21) Re boetse re na le buka e hlalosang lintho tse etsahetseng bophelong ba Jesu ka tatellano ea tsona. Buka ena e ka u thusa hore u rue molemo haholoanyane ha u bala Likosepele.—Joh. 14:6. w15 10/15 4:11, 12

TSE KA HARE
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | July

BEKE EA LA 18-24 SEPTEMBER, 2017

22 “E se Eka . . . a ka Phethahatsa Morero Oohle oa Hao”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela