Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
September
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Laboraro, la 27 September

Bonang! Ho hlokahala mollo o monyenyane hakaakang ho chesa moru o moholo haholo!—Jak. 3:5.

Ke hobane’ng ha Jakobo a ile a ngola mantsoe aa? O ile a re: “Leleme ke mollo.” (Jak. 3:6) “Leleme” le emela bokhoni ba rōna ba ho bua. Seo re se buang se ka baka tšenyo, feela joaloka mollo. Lintho tseo re li buang li ka ama ba bang haholo. Bibele e boetse e re li ka ba phelisa kapa tsa ba bolaea. (Liprov. 18:21) Empa na see se bolela hore ha rea lokela ho bua, hobane re tšaba hore re tla bua ntho e fosahetseng? Che. Ha re khaotse ho sebelisa mollo hobane re nahana hore re ka ’na ra cha. Ho e-na le hoo, re ba hlokolosi ha re o sebelisa. Ka mohlala, re ka sebelisetsa mollo ho pheha, ho iphuthumatsa esita le ho khantša. Ka tsela e tšoanang, haeba re le hlokolosi ka seo re se buang, re ka sebelisa bokhoni bona ho tlotlisa Jehova le ho khothatsa ba bang. (Pes. 19:14) Jehova o re file bokhoni ba ho bolella ba bang seo re se nahanang le kamoo re ikutloang kateng, ebang ke ka ho bua kapa ho sebelisa puo ea matsoho. Empa re lokela ho sebelisa mpho ena e babatsehang ho haha ba bang, eseng ho ba nyahamisa.—Jak. 3:9, 10. w15 12/15 3:1-3

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | August

BEKE EA LA 25 SEPTEMBER, 2017–LA 1 OCTOBER, 2017

3 Na U Ikemiselitse ho Leta U sa Fele Pelo?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela