Labone, la 4 January
Ka hona e-eang ’me le etse batho . . . barutuoa.—Mat. 28:19.
Re lokela ho etsa batho barutuoa, re ba kolobetse le ho ba ruta. Empa re lokela ho ea ho bona pele. Setsebi se seng sa Bibele se re: “Molumeli e mong le e mong o lokela ‘ho ea’ ho batho, ebang ba hole kapa ba haufi.” (Mat. 10:7; Luka 10:3) Jesu o lebeletse hore barutuoa ba hae ba etse’ng? Na o batla hore e mong le e mong a bolele ka tsela ea hae, kapa o batla hore ba bolele e le sehlopha? Kaha motho a le mong a ke ke a khona ho pakela “batho ba lichaba tsohle,” barutuoa ba hae ba ne ba tla lokela ho paka e le sehlopha. Ke sona seo Jesu a neng a se bolela ha a re barutuoa ba hae e be “batšoasi ba batho.” (Mat. 4:18-22) Jesu o ne a sa re motšoasi ka mong a itšoasetse litlhapi ka tsela ea hae. Ho e-na le hoo, o ne a re ba li tšoase ka matlooa. E le hore ba atlehe ho li tšoasa, ba ne ba lokela ho sebetsa hammoho e le sehlopha, le hona ka thata ’me ba hlophisehe.—Luka 5:1-11. w16.05 2:3, 4
La 1-7 January
MATHEU 1–3
Pina ea 99 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“’Muso oa Maholimo o Atametse”: (10 mets.)
[Bapala video ea Selelekela sa Matheu.]
Mat 3:1, 2—Johanne Mokolobetsi o ile a ruta hore Morena oa ’Muso oa Molimo o tla ba teng haufinyane (nwtsty litlhaloso)
Mat 3:4—Ntho ea bohlokoa bophelong ba Johanne Mokolobetsi e ne e le ho etsa thato ea Molimo (nwtsty litšoantšo)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat 1:3—Ke hobane’ng ha Matheu a buile ka basali ba bahlano moo ho builoeng ka banna ba leloko la Jesu? (nwtsty litlhaloso)
Mat 3:11—Re tseba joang hore ho kolobetsoa ho bolela hore ’mele ’ohle oa motho o qoelisoe ka metsing? (nwtsty litlhaloso)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 1:1-17
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele la ho Boela: (4 mets.) Bapala video ’me le bue ka eona.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sheba leq la pele.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ho tlaase ho moo) bh 39-40 ¶6-7
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Pina 101
Tlaleho ea Tšebeletso ea Selemo le Selemo: (15 mets.) Puo ka moholo. Ka mor’a ho bala lengolo le tsoang ofising ea lekala le mabapi le tlaleho ea rona ea tšebeletso ea tšimo, buisana le bahoeletsi bao u ba khethileng esale pele ba ileng ba e-ba le liphihlelo tšebeletsong ea tšimo selemong se fetileng.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Khao 2 ¶1-11
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 86 le Thapelo