Laboraro, la 3 January
Le be seli joaloka linoha ’me leha ho le joalo le hloke molato joaloka maeba.—Mat. 10:16.
Haeba re le “seli,” re tla nahana esale pele ka maemo a thata ao re ka ’nang ra tobana le ’ona. E le hore re “hloke molato,” ha re na ho nka lehlakore ha re iphumana re le maemong ao. Re lokela ho ba hlokolosi ha batho ba qala ba bua ka litaba tsa lipolotiki. Ka mohlala, ha re buisana le motho ka ’Muso oa Molimo, ha rea lokela ho tlatsana kapa hona ho hanyetsana le eena ka tsela eo a ikutloang ka eona ka mokha o itseng kapa moeta-pele ea itseng. Ho e-na le ho mo bolella ka boiteko boo batho ba bo etsang ho rarolla mathata, u lokela ho mo bontša hore na Bibele e re ’Muso oa Molimo o tla a rarolla joang. Haeba batho ba ngangisana ka lintho tse kang ho nyalana ha batho ba bong bo tšoanang kapa ho ntšoa ha mpa, ba bolelle seo Lentsoe la Molimo le se buang le hore u leka ho latela seo bophelong ba hao. Haeba motho a nahana hore melao e itseng e lokela ho felisoa kapa ho fetoloa, ha re kenelle tabeng eo ebile ha re leke ho mo fetola maikutlo. w16.04 4:8, 9
La 1-7 January
MATHEU 1–3
Pina ea 99 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“’Muso oa Maholimo o Atametse”: (10 mets.)
[Bapala video ea Selelekela sa Matheu.]
Mat 3:1, 2—Johanne Mokolobetsi o ile a ruta hore Morena oa ’Muso oa Molimo o tla ba teng haufinyane (nwtsty litlhaloso)
Mat 3:4—Ntho ea bohlokoa bophelong ba Johanne Mokolobetsi e ne e le ho etsa thato ea Molimo (nwtsty litšoantšo)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat 1:3—Ke hobane’ng ha Matheu a buile ka basali ba bahlano moo ho builoeng ka banna ba leloko la Jesu? (nwtsty litlhaloso)
Mat 3:11—Re tseba joang hore ho kolobetsoa ho bolela hore ’mele ’ohle oa motho o qoelisoe ka metsing? (nwtsty litlhaloso)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 1:1-17
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele la ho Boela: (4 mets.) Bapala video ’me le bue ka eona.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sheba leq la pele.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ho tlaase ho moo) bh 39-40 ¶6-7
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Pina 101
Tlaleho ea Tšebeletso ea Selemo le Selemo: (15 mets.) Puo ka moholo. Ka mor’a ho bala lengolo le tsoang ofising ea lekala le mabapi le tlaleho ea rona ea tšebeletso ea tšimo, buisana le bahoeletsi bao u ba khethileng esale pele ba ileng ba e-ba le liphihlelo tšebeletsong ea tšimo selemong se fetileng.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Khao 2 ¶1-11
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 86 le Thapelo