Labohlano, la 5 January
Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.—Liprov. 3:5, 6.
Re lokela ho bala le ho ithuta Bibele kamehla e le hore re tsebe hore na Jehova o ikutloa joang ka taba e itseng. Ha re ntse re etsa joalo, re ka ipotsa: ‘See se nthuta’ng ka Jehova? Ke hobane’ng ha a ile a etsa tjee?’ Joaloka Davida, re boetse re lokela ho kopa Jehova hore a re thuse ho mo tseba hamolemo. Davida o ile a re: “Ntsebise litsela tsa hao, Jehova; nthute litsela tsa hao. Ntsamaise ’neteng ea hao ’me u nthute, etsoe u Molimo oa ka oa poloko. Ke tšepile uena letsatsi lohle.” (Pes. 25:4, 5) Ha re ithuta ntho e itseng ka Jehova, re ka nahana ka maemo ao re ka sebelisang seo ho ’ona. Na re ka e sebelisa ka lapeng, mosebetsing, sekolong, kapa tšimong? Ha re nahana ka boemo bo itseng ka ho khetheha, re tla nolofalloa ho tseba hore na Jehova o batla hore re e sebelise hokae. w16.05 3:9, 11
La 1-7 January
MATHEU 1–3
Pina ea 99 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“’Muso oa Maholimo o Atametse”: (10 mets.)
[Bapala video ea Selelekela sa Matheu.]
Mat 3:1, 2—Johanne Mokolobetsi o ile a ruta hore Morena oa ’Muso oa Molimo o tla ba teng haufinyane (nwtsty litlhaloso)
Mat 3:4—Ntho ea bohlokoa bophelong ba Johanne Mokolobetsi e ne e le ho etsa thato ea Molimo (nwtsty litšoantšo)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat 1:3—Ke hobane’ng ha Matheu a buile ka basali ba bahlano moo ho builoeng ka banna ba leloko la Jesu? (nwtsty litlhaloso)
Mat 3:11—Re tseba joang hore ho kolobetsoa ho bolela hore ’mele ’ohle oa motho o qoelisoe ka metsing? (nwtsty litlhaloso)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 1:1-17
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele la ho Boela: (4 mets.) Bapala video ’me le bue ka eona.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sheba leq la pele.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ho tlaase ho moo) bh 39-40 ¶6-7
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Pina 101
Tlaleho ea Tšebeletso ea Selemo le Selemo: (15 mets.) Puo ka moholo. Ka mor’a ho bala lengolo le tsoang ofising ea lekala le mabapi le tlaleho ea rona ea tšebeletso ea tšimo, buisana le bahoeletsi bao u ba khethileng esale pele ba ileng ba e-ba le liphihlelo tšebeletsong ea tšimo selemong se fetileng.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Khao 2 ¶1-11
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 86 le Thapelo