Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
February
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labone, la 1 February

Mamello mosebetsi oa eona e ke e be o feletseng.—Jak. 1:4.

Ho mamella ho ka re thusa joang? Ho re thusa ho ‘ba ba feletseng le ba phethahetseng ka litsela tsohle, re sa haelloe ke letho.’ (Jak. 1:4) Ha re tobana le teko e itseng, re ka ’na ra lemoha hore re lokela ho ikitlaelletsa ho bontša mamello, kananelo le lerato haholoanyane. Ha re mamella liteko, re tla bona hore re lokela ho sebeletsa lintlheng tsena ’me seo se tla re thusa hore re be batho bao Jehova a ba amohelang. Kaha ho mamella liteko ho re tiisa tumelo, re ke ke ra batla ho tlola litaelo tsa Jehova e le hore feela re qobe teko. Ka mohlala, haeba u loantšana le maikutlo a litšila, u se ke ua inehela tekong! Kopa Jehova hore a u thuse ho a loantša. Na u tobana le khanyetso ka lapeng? Mamella. Ikemisetse ho tsoela pele u sebeletsa Jehova. Hopola hore re lokela ho mamella, e le hore Molimo a tle a re amohele.—Bar. 5:3-5; Jak. 1:12. w16.04 2:15, 16

LA 29 January–LA 4 February
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | January

La 29 January–la 4 February

MATHEU 10–11

  • Pina ea 22 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Jesu o ne a Khothatsa”: (10 mets.)

    • Mat 10:29, 30—Hore e be Jesu o re tiisetsa hore Jehova o rata e mong le e mong oa rona, hoa re khothatsa (nwtsty litlhaloso)

    • Mat 11:28—Ho sebeletsa Jehova ke ntho e thabisang (nwtsty litlhaloso)

    • Mat 11:29, 30—Ho ikokobelletsa bolaoli le tataiso ea Jesu hoa re thabisa (nwtsty litlhaloso tsa Mat 11:29)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat 11:2, 3—Ke hobane’ng ha Johanne Mokolobetsi a ile a botsa potso ee? (jy 96 ¶2-3)

    • Mat 11:16-19—Re lokela ho utloisisa litemana tsee joang? (jy 98 ¶1-2)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 11:1-19

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sheba leq la pele.

  • Leeto la boraro la ho Boela: (3 mets. kapa tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u batlang ho bua ka lona le potso eo u tla e botsa.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 42-43 ¶15-16—Mo memele libokeng.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 119

  • Ho khothatsa ba “Sehlang le ba Imetsoeng”: (15 mets.) Bapala video (sheba tlas’a  LIPUISANO LE LIPHIHLELO). Ka mor’a moo, buisanang ka lipotso tse latelang:

    • Ke liketsahalo life tsa morao tjee tse etsang hore ba bang ba hloke ho khothatsoa?

    • Ke joang Jehova le Jesu ba fanang ka khothatso ba sebelisa phutheho?

    • Ke joang Lentsoe la Molimo e leng mohloli oa khothatso?

    • Re ka khothatsana joang?

  • Thuto ea Bibele: (30 mets.) lv khao. 3 ¶16-21

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 90 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | December

BEKE EA LA 29 JANUARY, 2018–4 FEBRUARY, 2018

3 “Kea Tseba Hore o Tla Tsoha”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela