Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labone, la 25 January

Ke fumane Davida . . . [e le] monna ea ratoang ke pelo ea ka.—Lik. 13:22.

Davida e ne e le monna ea tšepahalang. Leha ho le joalo, o ile a etsa sebe se tebileng. O ile a etsa bofebe le Bathe-sheba. (2 Sam. 11:1-21) Davida o ne a ke ke a fetola seo a se entseng. Hape o ne a ke ke a qoba liphello tsa sebe sa hae. O ne a tla tobana le tse ling tsa liphello tseo bophelo bohle ba hae. (2 Sam. 12:10-12, 14) Kahoo, o ne a lokela ho ba le tumelo le ho tšepa hore ha a ka baka e le kannete, Jehova o ne a tla mo tšoarela a be a mo thuse ho mamella liphello tseo tse bohloko. Kaofela ha rona re baetsalibe ’me re etsa liphoso. Liphoso tse ling li mpe haholo hoo ka linako tse ling re ke keng ra khona ho li lokisa. Re tla tlameha ho phela le liphello tsa tsona. (Bagal. 6:7) Empa re kholisehile hore haeba re baka e le kannete, Jehova o tla re thusa ho sebetsana le mathata esita le a bakiloeng ke liphoso tsa rona.—Esa. 1:18, 19; Lik. 3:19. w17.01 1:10-12

LA 22-28 January
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | January

La 22-28 January

MATHEU 8–9

  • Pina ea 84 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Jesu o ne a Rata Batho”: (10 mets.)

    • Mat 8:1-3—Jesu o ile a hauhela molepera (nwtsty litlhaloso tsa Mat 8:3)

    • Mat 9:9-13—Jesu o ne a rata batho ba neng ba khesoa (nwtsty litlhaloso tsa Mat 9:10)

    • Mat 9:35-38—Kaha Jesu o ne a rata batho, o ne a ba ruta Lentsoe la Molimo leha a ne khathetse hape o ne a boetse a rapella hore ba bangata ba kenye letsoho mosebetsing ona. (nwtsty litlhaloso tsa Mat 9:36)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat 8:8-10—Re ithuta’ng puisanong ea Jesu le molaoli oa lebotho la sesole? (w02 8/15 13 ¶16)

    • Mat 9:16, 17—Jesu o buile ka ntlha efe lipapisong tsee tse peli? (jy 70 ¶6)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 8:1-17

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Mo memele libokeng.

  • Leeto la Boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Ikhethele lengolo leo u tla bua ka lona ebe u mo fa sengoliloeng.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 43-45 ¶18-19

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 19

  • ‘Kannete-nete Molimo o mo Entse Morena le Kreste’—Karolo ea I: (15 mets.) Puisano. Ka mor’a ho bala Matheu 9:18-25 le ho shebella karolo ea video ena, botsa lipotso tse latelang:

    • Jesu o ile a bontša joang hore o tsotella mosali e mong ea neng a kula le hore o tsotella Jairuse?

    • Ka mor’a ho bala tlaleho ee, u ikutloa joang ka boprofeta ba Bibele bo buang ka hore na bophelo bo tla ba joang tlas’a ’Muso oa Molimo?

    • Re ka etsisa Jesu ka litsela life ho bontša hore re rata batho?

  • Thuto ea Bibele: (30 mets.) lv khao. 3 ¶8-15 le lebokose le leqepheng la 30

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 116 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | November

BEKE EA LA 22-28 JANUARY, 2018

25 Le se ke la Lumella Letho ho le Sitisa ho Fumana Moputso

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela