Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
February
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labone, la 8 February

Khaotsang ho tšoenyeha ka meea ea lona.—Mat. 6:25.

Bamameli ba Jesu ba ne ba tšoenyehile ka lintho tseo ba sa lokelang ho tšoenyeha ka tsona. Jesu o ne a e-na le lebaka le utloahalang la hore ba khaotse ho tšoenyeha. Ho tšoenyeha ho sa hlokahale, esita le ka lintho tseo re li hlokang e le hore re phele ho ka re ferekanya ’me ha re sitisa ho matlafatsa kamano ea rona le Molimo. Jesu o ne a amehile ka balateli ba hae hoo a ileng a ba lemosa ka boemo bona bo kotsi ka makhetlo a mang a mane Thutong ea hae ea Thabeng. (Mat. 6:27, 28, 31, 34) Jesu o ne a tseba hore na batho ba hloka’ng e le hore ba phele. Ho phaella moo, o ne a tseba mathata ao balateli ba hae ba neng ba tla tobana le ’ona “matsatsing a ho qetela.” Matsatsi ao a tla tšoauoa ka “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Tim. 3:1) Batho ba bangata ba hula ka thata ka lebaka la ho hloka mosebetsi, ho phahama ha theko ea lintho, bofutsana le ho haelloa ke lijo. Leha ho le joalo, Jesu o ne a boetse a tseba hore ‘moea ke oa bohlokoa ho feta lijo le ’mele ke oa bohlokoa ho feta liaparo.’ w16.07 1:8, 9

La 5-⁠11 February
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | February

La 5-11 February

MATHEU 12–13

  • Pina ea 151 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Papiso ea Koro le Mofoka”: (10 mets.)

    • Mat. 13:24-26—Sehoai se ile sa jala peo e ntle ea koro eaba sera se jala mofoka har’a peo eo e ntle (w13 7/15 9-10 ¶2-3)

    • Mat. 13:27-29—Koro le mofoka li ile tsa hola hammoho ho fihlela ha ho kotuloa (w13 7/15 10 ¶4)

    • Mat. 13:30—Nakong ea kotulo, bakotuli ba ile ba bokella mofoka pele eaba ba bokella koro (w13 7/15 12 ¶10-12)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat. 12:20—Re ka etsisa Jesu joang ka ho ba le kutloelo bohloko? (nwtsty litlhaloso)

    • Mat. 13:25—Na ke ntho e utloahalang ho lumela hore mehleng ea khale motho o ne a ka jala mofoka tšimong ea e mong? (w16.10 32)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 12:1-21

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Bapala video ’me le buisane ka eona.

  • Leeto la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Sebelisa mohlala o hlahileng videong.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 21-23 ¶10-12

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 98

  • Litlhoko Tsa Phutheho: (5 mets.)

  • “Lipapiso Tsa ’Muso le Seo li se Bolelang ho Rona”: (10 mets.) Puisano. Hlahlobang hore na lipapiso tsena li ka re thusa joang tšimong.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Sehlomathiso se leqepheng la 207-209

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 9 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | December

BEKE EA LA 5-11 FEBRUARY, 2018

8 “Ke na le Tšepo ho Molimo”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela