Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
February
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Mantaha, la 12 February

Mosali ha aa lokela ho tloha ho monna oa hae. . . . ’Me monna ha aa lokela ho tlohela mosali oa hae.—1 Bakor. 7:10, 11.

Haeba banyalani ba e-na le mathata a tebileng a tsoelang pele, seo se ka ’na sa etsa hore molekane e mong kapa ka bobeli ba batle ho arohana kapa ho hlalana. Ha balekane ba arohana, eo ke taba e tebileng. Ho ka ’na ha bonahala eka ho molemo hore balekane ba arohane ha ba e-na le mathata a tebileng, empa karohano e atisa ho hlahisa mathata a eketsehileng. Ka mor’a hore Jesu a phete seo Molimo a se buileng ha a re monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae, ’me a khomarele mosali oa hae, o ile a re: “Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.” (Mat. 19:3-6; Gen. 2:24) Sena se bolela hore esita le banyalani ka bobona ha baa lokela ‘ho arola seo Molimo a se kopantseng hammoho.’ Jehova o nka lenyalo e le tlamo ea bophelo bohle. (1 Bakor. 7:39) Haeba balekane ba hopola hore kaofela ha rona re tla ikarabella ka pel’a Molimo, seo se tla ba susumelletsa ho rarolla liqabang ka potlako e le hore li se ke tsa fetoha mathata a tebileng. w16.08 2:10, 11

La 12-18 February
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | February

La 12-18 February

MATHEU 14–15

  • Pina ea 20 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Ho Fepa ba Bangata ka Matsoho a ba Seng Bakae”: (10 mets.)

    • Mt 14:16, 17​—Barutuoa ba ne ba e-na le mahobe a mahlano le litlhapi tse peli (w13 7/15 15 ¶2)

    • Mt 14:18, 19​—Jesu o fepile batho ba likete a sebelisa barutuoa ba hae (w13 7/15 15 ¶3)

    • Mt 14:20, 21​—Ba likete ba ruile molemo mohlolong oo oa Jesu (nwtsty litlhaloso tsa Mat 14:21; w13 7/15 15 ¶1)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat 15:7-9—Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho ba baikaketsi? (nwtsty litlhaloso)

    • E be Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a sebelisa lentsoe “lintjanyana”? (nwtsty litlhaloso)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • Bible Reading: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 15:1-20

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mohlala o hlahileng videong.

  • Video e Bontšang Leeto la Pele: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.

  • Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w15 9/15 19 ¶14-17—Sehlooho: Talima ho Jesu e le Hore U Matlafale Tumelong.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 89

  • E-ba Motsoalle oa Jehova—Ho etsa Metsoalle: (7 mets.) Bapala video (tlas’a BANA). Ka mor’a moo, bitsa bana bao u ba khethileng hore ba tle sethaleng, e be u ba botsa lipotso tse latelang: Ke hobane’ng ha metsoalle ea lona e lokela ho rata Jehova? U ka ithuta’ng ho bona?

  • “Hlompha Ntate oa Hao le ’Mè oa Hao”: (8 mets.) Puisano. Bapala video ea lipopae ea (tlas’a BACHA).

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 4 ¶1-11

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 131 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | December

BEKE EA LA 12-18 FEBRUARY, 2018

18 Batsoali—Thusang Bana ba Lona ho ba “Hlalefisetsa Poloko”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela