Sontaha, la 11 February
[Jesu] a tloha moo ho ea ruta le ho bolela metseng ea bona.—Mat. 11:1.
Jesu o ne a atisa ho buisana le batho ka ’Muso. Mohlala, o ile a ba le puisano e ntle le mosali e mong pel’a seliba sa Jakobo, se haufi le motse oa Sikare. (Joh. 4:5-30) O ile a boela a buisana le molekhetho e mong oa Molevi ea bitsoang Matheu. Matheu le ba bang ba ne ba utloile ha Jesu a bua moketeng o neng o tšoaretsoe lelapeng la Matheu. (Mat. 9:9; Luka 5:27-39) Ketsahalong e ’ngoe, Jesu o ile a bua hantle le Nathanaele, ea neng a sa rate batho ba tsoang Nazaretha. Qetellong, Nathanaele o ile a susumelletseha ho fetola tsela eo a nahanang ka eona. O ile a etsa qeto ea ho mamela seo Jesu oa Nazaretha a se rutang. (Joh. 1:46-51) Kahoo, re na le lebaka le utloahalang la ho rupela bahoeletsi ba bacha hore ba buisane le batho ka tsela e botsoalle ba bile ba phutholohile. Ha re ba thusa ka tsela ena ba ka ’na ba thabela ho bona kamoo batho ba lipelo li ntle ba mamelang molaetsa kateng ha ho buuoa le bona ka tsela e mosa. w16.08 4:7-9
La 5-11 February
MATHEU 12–13
Pina ea 151 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Papiso ea Koro le Mofoka”: (10 mets.)
Mat. 13:24-26—Sehoai se ile sa jala peo e ntle ea koro eaba sera se jala mofoka har’a peo eo e ntle (w13 7/15 9-10 ¶2-3)
Mat. 13:27-29—Koro le mofoka li ile tsa hola hammoho ho fihlela ha ho kotuloa (w13 7/15 10 ¶4)
Mat. 13:30—Nakong ea kotulo, bakotuli ba ile ba bokella mofoka pele eaba ba bokella koro (w13 7/15 12 ¶10-12)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat. 12:20—Re ka etsisa Jesu joang ka ho ba le kutloelo bohloko? (nwtsty litlhaloso)
Mat. 13:25—Na ke ntho e utloahalang ho lumela hore mehleng ea khale motho o ne a ka jala mofoka tšimong ea e mong? (w16.10 32)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 12:1-21
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Bapala video ’me le buisane ka eona.
Leeto la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Sebelisa mohlala o hlahileng videong.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 21-23 ¶10-12
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Litlhoko Tsa Phutheho: (5 mets.)
“Lipapiso Tsa ’Muso le Seo li se Bolelang ho Rona”: (10 mets.) Puisano. Hlahlobang hore na lipapiso tsena li ka re thusa joang tšimong.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Sehlomathiso se leqepheng la 207-209
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 9 le Thapelo