Mantaha, la 5 February
U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo . . . matsatsing a bohlankana ba hao, pele matsatsi a tlokotsi a tla.—Moek. 12:1.
Bakreste ba holileng ha baa lokela ho tsoafa ho bala lihlooho tse buang ka bacha. Boholo ba mathata a tšohloang lihloohong tseo, a ama Bakreste bohle. Kaofela re lokela ho emela seo re se lumelang, ho laola maikutlo a rona, ho hana khatello ea lithaka le ho qoba ho tloaelana le batho ba sa itšoarang hantle le boithabiso bo sa lokang. Joale, na Bakreste ba holileng ha baa lokela ho bala lihlooho tse ngoletsoeng bacha? Che! Le hoja lihlooho tsena li ngoletsoe bacha, likeletso tsa tsona li tsoa Bibeleng ’me Bakreste bohle ba ka rua molemo ho tsona. Lihlooho tse ngoletsoeng bacha li ka boela tsa ba thusa ho matlafatsa kamano ea bona le Jehova. Empa li ka boela tsa matlafatsa le tumelo ea Bakreste ba holileng.—Moek. 12:13. w16.05 5:15, 16
La 5-11 February
MATHEU 12–13
Pina ea 151 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Papiso ea Koro le Mofoka”: (10 mets.)
Mat. 13:24-26—Sehoai se ile sa jala peo e ntle ea koro eaba sera se jala mofoka har’a peo eo e ntle (w13 7/15 9-10 ¶2-3)
Mat. 13:27-29—Koro le mofoka li ile tsa hola hammoho ho fihlela ha ho kotuloa (w13 7/15 10 ¶4)
Mat. 13:30—Nakong ea kotulo, bakotuli ba ile ba bokella mofoka pele eaba ba bokella koro (w13 7/15 12 ¶10-12)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat. 12:20—Re ka etsisa Jesu joang ka ho ba le kutloelo bohloko? (nwtsty litlhaloso)
Mat. 13:25—Na ke ntho e utloahalang ho lumela hore mehleng ea khale motho o ne a ka jala mofoka tšimong ea e mong? (w16.10 32)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 12:1-21
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Bapala video ’me le buisane ka eona.
Leeto la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Sebelisa mohlala o hlahileng videong.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 21-23 ¶10-12
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Litlhoko Tsa Phutheho: (5 mets.)
“Lipapiso Tsa ’Muso le Seo li se Bolelang ho Rona”: (10 mets.) Puisano. Hlahlobang hore na lipapiso tsena li ka re thusa joang tšimong.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Sehlomathiso se leqepheng la 207-209
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 9 le Thapelo