Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
February
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Laboraro, la 7 February

Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe.—Jer. 17:9.

Boikhohomoso bo ka etsa hore re rate ho ikemela. Ha seo se etsahala, ha re sa tšoana le letsopa le bonolo. Na u kile oa khopisoa ke mora kapa morali oabo rona e mong? Na u kile oa utloa bohloko ka lebaka la ho lahleheloa ke tokelo ea tšebeletso? U ile oa itšoara joang? Na u ile oa ikhohomosa, kapa u ile oa hlokomela hore ke habohlokoa ho bopa khotso le mor’eno le ho lula u tšepahala ho Jehova? (Pes. 119:165; Bakol. 3:13) Ha motho a tloaetse ho etsa sebe le ho se pata, a ka ’na a thatafalloa ho amohela likeletso tse thehiloeng Bibeleng. Ho etsa sebe ho ka qetella e se e le ntho e sa reng letho ho eena. (Moek. 8:11) Mor’abo rona e mong ea neng a tloaetse ho shebella livideo tsa boitšoaro bo bobe, o re o ile a itloaetsa ho nyatsa-nyatsa baholo. Seo se ile sa senya kamano ea hae le Jehova. Empa baholo ba ile ba khona ho mo thusa ka mor’a hore ba bang ba hlokomele bothata ba hae. Ke ’nete hore kaofela ha rona ha rea phethahala. Empa haeba re tšoaea-tšoaea ba bang liphoso ha ba re eletsa kapa re ikemela ha re entse phoso, ho e-na le ho kopa Molimo hore a re tšoarele, lipelo tsa rona li tla thatafala. w16.06 2:5, 6

La 5-⁠11 February
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | February

La 5-11 February

MATHEU 12–13

  • Pina ea 151 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Papiso ea Koro le Mofoka”: (10 mets.)

    • Mat. 13:24-26—Sehoai se ile sa jala peo e ntle ea koro eaba sera se jala mofoka har’a peo eo e ntle (w13 7/15 9-10 ¶2-3)

    • Mat. 13:27-29—Koro le mofoka li ile tsa hola hammoho ho fihlela ha ho kotuloa (w13 7/15 10 ¶4)

    • Mat. 13:30—Nakong ea kotulo, bakotuli ba ile ba bokella mofoka pele eaba ba bokella koro (w13 7/15 12 ¶10-12)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat. 12:20—Re ka etsisa Jesu joang ka ho ba le kutloelo bohloko? (nwtsty litlhaloso)

    • Mat. 13:25—Na ke ntho e utloahalang ho lumela hore mehleng ea khale motho o ne a ka jala mofoka tšimong ea e mong? (w16.10 32)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 12:1-21

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Bapala video ’me le buisane ka eona.

  • Leeto la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Sebelisa mohlala o hlahileng videong.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 21-23 ¶10-12

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 98

  • Litlhoko Tsa Phutheho: (5 mets.)

  • “Lipapiso Tsa ’Muso le Seo li se Bolelang ho Rona”: (10 mets.) Puisano. Hlahlobang hore na lipapiso tsena li ka re thusa joang tšimong.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Sehlomathiso se leqepheng la 207-209

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 9 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | December

BEKE EA LA 5-11 FEBRUARY, 2018

8 “Ke na le Tšepo ho Molimo”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela