Labobeli, la 6 February
Mamela, Uena Iseraele: Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong. U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka mafolofolo a hao ’ohle.—Deut. 6:4, 5.
“Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong.” Ruri mantsoe ana aa khothatsa. A ile a matlafatsa Baiseraele, a ba thusa hore ba mamelle maemo a boima ha ba kena Naheng e Tšepisitsoeng. Le rona a ka re matlafatsa kajeno e le hore re pholohe matšoenyeho a maholo ’me re thabele bophelo Paradeiseng. A re tsoeleng pele ho inehela ho Jehova ka ho feletseng. Re lokela ho mo rata le ho mo sebeletsa ka pelo, kelello le matla ’ohle a rona, ’me re sebetse ka thata ho boloka khotso le bonngoe ka phuthehong. Haeba re lula re etsa lintho tsena, Jesu o tla re khetha re le linku ’me re tla bona ha mantsoe ana a hae a phethahala: “Tloong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le rue ’muso oo le o lokiselitsoeng ho tloha ho thehoeng ha lefatše.”—Mat. 25:34. w16.06 3:2, 20
La 5-11 February
MATHEU 12–13
Pina ea 151 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Papiso ea Koro le Mofoka”: (10 mets.)
Mat. 13:24-26—Sehoai se ile sa jala peo e ntle ea koro eaba sera se jala mofoka har’a peo eo e ntle (w13 7/15 9-10 ¶2-3)
Mat. 13:27-29—Koro le mofoka li ile tsa hola hammoho ho fihlela ha ho kotuloa (w13 7/15 10 ¶4)
Mat. 13:30—Nakong ea kotulo, bakotuli ba ile ba bokella mofoka pele eaba ba bokella koro (w13 7/15 12 ¶10-12)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat. 12:20—Re ka etsisa Jesu joang ka ho ba le kutloelo bohloko? (nwtsty litlhaloso)
Mat. 13:25—Na ke ntho e utloahalang ho lumela hore mehleng ea khale motho o ne a ka jala mofoka tšimong ea e mong? (w16.10 32)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 12:1-21
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Bapala video ’me le buisane ka eona.
Leeto la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Sebelisa mohlala o hlahileng videong.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 21-23 ¶10-12
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Litlhoko Tsa Phutheho: (5 mets.)
“Lipapiso Tsa ’Muso le Seo li se Bolelang ho Rona”: (10 mets.) Puisano. Hlahlobang hore na lipapiso tsena li ka re thusa joang tšimong.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Sehlomathiso se leqepheng la 207-209
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 9 le Thapelo